Matshwao a ho kula a ibd ke afe?

Matshwao a ho kula a Lefu la Borurusi ba ka Maleng a a fapana mme qaleho ya bokudi bona e ka ba ka tshohanyetso kapa ya etsahala butle ha nako e ntse e tsamaya.

Letshollo

Letshollo ho IBD le fapane le letshollo le tsamaelanang le maemo a tlwaelehileng haholo a kang gastroenteritis (tshwaetso ya vaerase kapa ya baktheria) kapa tjhefu ya dijo eo batho ba bangata ba kileng ba kopana le yona nakong e itseng kapa neng feela, kapa letshollo le ka kopanang le sindromo ya tshitiso ka maleng. Letshollo le ho IBD le nka dibeke kapa dikgwedi ka nako e le nngwe, le eketseha le fokotseha ho eba le matsatsi a matle mme a mang a eba mabe. Letshollo le ka baka ho tshwareha haholo hoo o ka thatafallwang ke ho fihlella ntlwana ka nako (incontinence). Letshollo le ka ba le madi, mamina kapa boladu. Letshollo le dulang le o tsosa o robetse e ka nna ba letshwao le leng la IBD.

Feberu

Feberu ya boemo bo tlase ekaba letshwao la IBD.

Mokgathala kapa mokgathala o moholo

Sena se ka bakwa ke lefu ka bolona, ho tswa ho anemia (ho fokollwa ke madi) kapa ka lebaka la ho hlobaela haeba boroko ba hao bo sitiswa ke mahlaba kapa letshollo.

Dikerempe ka maleng

Tsena e ka ba tse mpe haholo mme hangata di etsahala kamora dijo kapa pele o ithusa.

Ho hloka takatso ya dijo kapa ho fokotseha mmeleng

Phokotseho mmeleng e ka bakwa ke mmele o sa amoheleng phepo dijong tseo o di jang ka lebaka la borurusi ka maleng.

Batho ba bang ba nang le IBD, haholoholo ya Crohn, ba ka ba le mathata a itseng, a kenyeletsang:

Strictures

Mona ke ha ho ena le borurusi bo tswellang mme ebe ho a fola ka maleng mme seo se bake hore ho be le thishu ya mongwapo. Sena se ka baka karolo e tshesane ya mala, e bitswang structure, e ka bakang ho kibana maleng kapa kholoneng.

Difistula

Tsena di tlwaelehile haholo ho batho ba nang le Lefu la Crohn. Fistula ke motjha o sa tlwaelehang kapa pasetjhe e bakwang ke ha lefu la Crohn le “kgirila” lera la mala kapa kholone. Difistula hangata di etsahala ho potoloha lesoba la dibono ho lefu la Crohn (peri-anal fistula) le bakang tshwelesa e bohloko kapa seso se ka nnang sa ntsha mamina, boladu kapa mantle. Difistula hape di ka nna tsa tswa letlalong (entero-cutaneous fistula) kapa tsa hokela lupu lelana le le leng ho le leng (internal fistula).

IBD hape e ka ama dikarolo tse ding tsa mmele. Tsena ke tse bitswang boiponahatso ba ka maleng bo fetisang (extra-intestinal manifestations) ba IBD mme tse tlwaelehileng ho feta di kenyeletsa:

Manonyeletso a Opang

Borurusi ba manonyeletso, hangata bo tsejwang ka hore ke atheraitisi, bo bolela hore mokedikedi o ipokella manonyeletsong mme o baka ho ruruha ho opang. Hangata bo ama manonyeletso a maholo a diphaka le ditlhafu, ho kenyeletsa ditsu, matsoho, mangwele le maqaqailane.

Ho opa ha mokokotlo

IBD e ka amahanngwa le borurusi ba mokokotlo o tlase le letheka le bitswang ankylosing spondylitis. Bohloko bona bo baka lehlaba le ho tiya mokokotlong o tlase.

Borurusi ba mahlo

Bokudi bo tlwaelehileng haholo ba mahlo bo amang batho ba nang le IBD ke episcleritis, mme bo ama lera la thishu e kwahetseng sclera, kojwana e tshweu e ka ntle ya leihlo, mme bo etsa hore e be kgubedu, e be bohloko mme e ruruhe.

Mathata a letlalo

Mathata a mangata a letlalo a amahanngwa le IBD mme a kenyeletsa maqhutso a mafubedu a bohloko menotong (erythema nodosum) le diso tsa letlalo tse bohloko (pyoderma gangrensum) ke bokudi ba letlalo bo tlwaelehileng haholo bo amanang le IBD.