Ho hlokeha eng ho fumana hore motho o na le IBD?

Haeba ngaka ya hao e belaela hore o na le Ulcerative Colitis kapa Lefu la Crohn o ka nna wa tlameha ho etswa diteko le dipatlisiso hore ho netefatswe phumano ya lefu. Ha se teko e le nngwe e ka lekolwang ho fumana lefu la IBD. Ngaka ya hao e tla sebedisa motswako wa diteko ho netefatsa phumano ya hore o na le lefu leo.

DITEKO TSA MADI LE MANTLE

Diteko tsa madi di ka bontsha haeba o na le borurusi (CRP kapa ESR e phahameng) kaekae mmeleng wa hao le haeba o na le anemia (haemoglobin e tlase), bobedi di tlwaelehile ho fumanwa ho bakudi ba nang le IBD. Hape di ka bontsha hore ebe ditho tsa mmele tse kang sebete le diphiyo di sebetsa hantle le hore ebe o fokollwa ke diminerale kapa divithamine dife kapa dife tse ding.

Mantle a hao le ona a ka etswa diteko bakeng sa matshwao a ho tswa madi kapa borurusi (calprotectin), le ho lekola hore ebe letshollo la hao le bakwa ke tshwaetso na. 

ENDOSCOPY

Endoscopy ke lebitso la kakaretso la mofuta wa teko e dumellang ngaka ya setsebi (endoscopist) hore a shebe ka kotloloho ka hara sistimi ya tshilo, a sebedisa endoskhoupo. Haeba IBD e belaellwa, ho ka ba molemo ho romelwa ho gastroenterologist ya meriana kapa ya diopereishene ho ya etswa diteko tsa endoskhopi. 

Ho endoscophi ngaka kapa endoscophisti ya setsebi o sebedisa endoskhoupo – tjhupu e telele e tshesane, hangata e kobeha ha bonolo, mme ena le khemera pentong ya yona – ho hlahloba sistimi ya hao ya tshilo. Ho na le mefuta e mmalwa ya endonscophi eka bang le mabitso a fapaneng ho ya ka karolo ya mala e hlahlojwang. 

Endoskhophi ya GI e ka hodimo kapa gastroskhophi e sebediswa ho sheba karolo e ka hodimo ya sistimi ya hao ya tshilo, jwaloka mmetso le mala. E kenngwa le ka hanong.

Kholonoskhophi kapa sigmoidoskhophi e sebedisetswa ho sheba kholone. Sigmoidoskhopi (endoskhoupo e kgutshwane) kapa kholonoskhopi (endoskhoupo e teletsana le e kobehang ha bobebe) e tla kenngwa le ka ditonong (patjhese e ka morao) bakeng sa ho hlahloba mokoteng le kholone. 

Endoskhopisi ha e a lokela ho ba bohloko empa e ka kukunela feela, kahoo o ka nna wa fuwa sethethebatsi ho o thusa ho lokolla mmele. Dibayobpsi (disampole tse nyane tsa dithishu) hangata di nkuwa nakong ya endoskhopi. Tsona di ka nna tsa hlahlojwa ka tlasa maekroskhoupo ho thusa ho netefatsa phumano ya lefu la IBD. 

Endoskhoupo ya khepsule ke mofuta o ikgethang wa endoskhopi moo o kwenyang khemera e nyane (e boholo ba morara o monyane) e fetang motjheng wa sistimi ya tshilo, e ntse e nka difoto tsa bokahare ba mala. Difoto tsena di fetisetswa ho serekoti sa datha se faswang lethekeng. Khepsule eo e ka lahlwa mme e itswela mmeleng ka tsela ya tlhaho ha o ya ntle. Ha se ditsi tsohle tse fanang ka endoskhopi ya khepsule mme e ka nna ya se lokele batho bohle. 

Di-X-Ray le di-CT skene tsa mpeng

Ho na le mefuta e mengata e fapaneng ya di-X-ray e sebediswang ho IBD. Di-X-ray tsa mpa tse tlwaelehileng di ka sebediswa ha ho ena le tshohanyetso kapa ha ho shejwa batho lekgetlo la pele hore ba na le lefu la IBD.

Di-CT skene di sebedisa letoto le felletseng la ditshwantsho tsa X-ray ho bopa setshwantsho sa mmele se bontshang tsohle. Motjhine wa skene o bopehile jwaloka dounate, di-X-ray di nkuwa ho tswa mahlakoreng a fapaneng, ditshwantsho tse ntshwang di bewa mmoho ho hlahisa dikarolo tsa sefapano sa 2D (mahlakore a mabedi) tsa mmele.

Sistimi ya tshilo ha se ka dinako tsohle e hlahellang hantle ho di-X-ray, kahoo o ka nna wa fuwa bariyamo ho thusa ho hlahisa setshwantsho se hlakileng. Ena ke ntho e tshweu e se nang kotsi e sa monngweng ke mmele, empa ho seng jwalo e etsa boalo ba nakwana ka maleng. Di-X-ray ha di kgone ho feta ho bariyamo, kahoo sena se fana ka popeho e hlakileng ya mala ditshwantshong tsa X-ray. Bariyamo e ka fanwa ele seno ho thusa ho bontsha mathata tshebetsong e ka hara mpa kapa mala a manyane, kapa ka hara enema ho bontsha borurusi ka hara kholone.

ULTRASOUNDS YA MPENG

Diskena tsa ultrasound di sebetsa ka ho sebedisa maqhubu a modumo a sekgahla se hodimo haholo ho bopa setshwantsho. Sensara e tshwarwang ka letsoho e tsamaiswa ka hodima letlalo, mme sena se romela matshwao a maqhubu a modumo a ‘qhomang’ hodima ditho tsa ka hare ho baka modumo(echo). Skena jwale se nka medumo eo mme se e fetola ho ba setshwantsho. 

Diskene tsa Ultrasound di ka sebedisetswa ho batla majwana a diphiyo. Hape di kgona ho fumana dipokello tsa mekedikedi le dikarolo tse tenya le tse tlerefetseng leboteng la mala. Ultrasound hape e ka bontsha diso le difistula (metjha e sa tlwaelehang e hokanyang dikarolo tse fapaneng tsa mala). 

DISKENE TSA MRI

Diskene tsa MRI di sebediswa ho hlahisa ditshwantsho tse dikarolo di fapaneng tsa mmele. Di se di sebediswa haholo ho fuputsa IBD, haholoholo baneng, hobane ba qoba tshebediso ya di-X-ray. Ho seng jwalo, ba sebedisa dikarolo tsa magnete o matla le maqhubu a radio ho bopa ditshwantsho tsa bokahare ba mmele.

Skene sa MRI se shebeha jwaloka tjhupu e telele kapa thanele, mme o tla kotjwa ho robala tafoleng e tsamayang e kenang butle ka hara thanele. Diskene tsa MRI ke tsela e ntle ya ho sheba dithishu tse bonolo tse kang mesifa le mala, esitana le ditho tse kang sebete. Lebaka ke hobane se sebetsa ka katleho ho fumana difistula (metjha e sa tlwaelehang e hokanyang dikarolo tse fapaneng tsa mala), le diso, le ho fumana phapang pakeng tsa borurusi bo tswellang le maqeba.