IBD ke eng?

Lefu la borurusi ba ka maleng (Inflammatory bowel disease), kapa IBD, ke bokudi ba nako e telele, bo mpefalang le ho kgutla hape, ba borurusi ba sistimi ya tshilo (eo hape e ka bitswang motjha wa ka maleng kapa gastrointestinal tract).

Le bakwa ke bofokodi bo bakwang ke lefutso, mefuta ya dibaktheria tsa ka maleng tse teng ka mpeng le ho se sebetse hantle ha sistimi ya masole ka mpeng ho kopaneng le disosa tse tswang tikolohong. IBD e na le mefuta e mmedi e bonahalang, le eo hangata e tsamayang mmoho, lefu la Crohn le ulcrative colitis (borurusi ba kholone bo nang le diso). IBD e ka ama batho ba dilemong dife kapa dife empa hangata e hlahella lekgetlo la pele ho batho ba baholo ba sa leng batjha. IBD e ntse e eketseha lefatsheng ka bophara mme ho kenyeletswa le Afrika Borwa.